Dinonyana di ne di dula batho ka la 18 Phupjane 2022 motseng wa Botshabelo karolong ya E lebatoweng la 32. E ne ele semphete keo fete. Kopano ene e le malebana le sehopotso sa letsatsi la mahlomola le masisapelo la 16 June 1976 mane Gauteng motse-toropong wa SOWETO.

Mokgatlo wa batho ba sa sebetseng o tsejwang ka B.U.M (Botshabelo Unemployed Movement) o ne o hlophisitse kopano ya letsatsi leo, ntlong-lehalahaleng la motse Botshabelo Multifunction Center(B.M.C) hona karolong ya E.

Holo e ne e tletse ka batho ba batjha, bomme le bontate le bona bane ba le teng ka bongata ba bona. Kopano e qadile ka hora ya leshome hoseng, batjha ba motseng wa Thaba Nchu le bona ba ne bale teng kopanong ena.

Modula-setulo wa mokgatlo wa batho ba sa sebetseng, B.U.M; Monghadi Kenny Phaoane o thakgotse kopano ena ka noto e phahameng moo a neng a amohela bohle ba tlileng kopanong. “Re le mokgatlo wa B.U.M maikemisetso a rona ke ho beha batho ba batjha sehlohlolong ka hoba neha lesedi le thlakisetso e topalletseng ka nalane ya letsatsi la 16 June 1976, batjha ba rona ha ba bontshe thahasello letsatsing lena ka lebaka la hore mokgatlo o busang o wa leketeka empa rona re le batho ba sa sebetseng ha re bone bohlokwa ba ho keteka hoba le dipalopalo tsa rona di ntse di nyoloha letsatsi le letsatsi.” Ke mantswe a Kenny Phaoane ao. Ntate Kenny o tswetse pele ka le reng batlo tlisa dithuto tsa nnete ho batjha ba profense ya Foreistata, o re bona ba hopola letsatsi lena ha ba le keteke.

Khokhoma Motsi eo e leng e mong wa bathehi ba mokgatlo ona wa B.U.M hape ya phetseng nakong tseo tsa 1976 o hlalositse ka le reng. “ Ho bohlokwa haholo ho etsa sehopotso sa letsatsi lena ho na le ho le keteka, batjha ba dilemong tseo tsa bo 70 ba ile ba bontsha boitelo le ho intsha sehlabelo ho bona ba tswile ditlamong tsa mmuso wa kgethollo wa ba basweu” o bontshitse hape hore mmuso wa ha jwale ha o bontshe hlompho e tshwanetseng ho bahale bana ba 1976 jwaloka bo Tsietsi Mashinini, Onkgopotse Tiro, Steve Biko le ba bang ba bangata. O tswetse pele ka le reng ho keteka letsatsi lena ke tsela ya mokga wa ANC wa ho utswa matsatsi a bohlokwa a lwanetsweng ke batjha ba 1976, “re ka se keteke re sa tsebe moo masapo a Makhubo a felletseng teng re hloka dikarabo.”

Motshidisi Makintane le Thandiwe Tshaka ba ile ba ntsha maikutlo a bona ka ho hlahisa diphepetso tseo ba kopanang le tsona jwaloka batho ba batjha ba basadi. Ofentse Namane e leng setho sa B.U.M ho tswa motseng wa Thaba Nchu o buile tjena “ntwa ya tokoloho ha eso fele ha feela ho ntse ho ena le batho ba robalang ba sa ja, ha feela batho ba batjha e ntse e le makgoba a tahi le dithetefatsi.”

Kopano ena ebile e atlehileng hoya ka modulasetulo wa B.U.M Kenny Phaone, o bontshitse ha honka karolo hwa batho ba ne ba le kopanong ho ne ho phahame, sena se mo file tshepo ya hore batla hlola jwaloka batjha ba 1976.

Ha bongata ba batho bo ntse bo keteka sehopotso sa batjha ba 1976, ho baahi ba karolo ya D ka hara lebatowa la 38 motseng wa Botshabelo; bona ba re ha ba bone bohlokwa ba ho keteka letsatsi lena. Karolo ena ya D ke ngwe ya dikarolo tsa pele tse theilweng ke baahi ba Botshabelo. Dilemong tsa bo 1979 hone ho ena le dikarolo tse ka bang hlano (5) motseng ona wa Botshabelo.

Le ha ho bonahala motse ona o se o hodile haholo ho ntse ho ena le dibaka moo ho senang ditshebeletso tsa mantlha. Botshabelo ke metse e meng ka hara naha ya Afrika Borwa e nkileng karolo e kgolo ntweng ya tokoloho. Dilemong tsa bo 1980 ha di qala, baahi bana ba ile ba lwanela ho ikemela ka matsholo a kang “Black Power.”

Comments are disabled.