Botshabelo Unemployed Movement (B.U.M) ke mokgatlo wa batho ba sa sebetseng ka hare ho Porofense ya Foreisetata . B.U.M dikantoro tsa yona di karolong ya E nomorong ya 1230, moahong wa Botshabelo Multifunctional Center (B.M.C) motseng wa Botshabelo.

Botshabelo Unemployed Movement o na le matsholo a mangata a sebetsanang le ona jwaloka ka letsholo la ho ema kgahlanong le ho fokotswa hwa ditekanyetso (austerity), le dichelete.  Sethatong mokgatlo ona o kene letsholong la ho lwantsha bofuma ka hare ho motse wa Botshabelo ka ho nka karolo e kgolo tabeng tsa temo. Botshabelo Unemployed Movement e sebeditse ka taba tsa temo ka nako e telele empa selemong se fetileng sa 2022 eile ya fumantshwa monyetla wa hore e ahe Agro-Ecology Hub ke mokgatlo eo e seng wa mmuso wa Trust Community Outreach Education (TCOE) selemong 2022. B.U.M Agroecology Hub e na le botsamaise ba e hlokomelang letsatsi le letsatsi, batho ba sebetsang ka hare ho Hub ena ya B.U.M ba robedi(8) ka palo, ba bahlano ba bona ke bomme ha ba bararo ele bontate.

Sebata Lebohang Morata ke emong wa baithuti ka hare ho Hub, ke letswalla la Botshabelo. Morata ya dilemo tse 49 o bolela hore o ananela seo se entsweng ke mokatlo wa TCOE ka hoba fumantsha monyetla wa ho aha Agroecology Hub (AE-Hub) Ka hare ho motse wa bona, o hlalositse hoya pele ka lereng ho kenywa tshebetsong ha leano lena la Hub, ho tloha le sa le qalong, le  tsositse lerato leo anang le lona la temo. Morata o re jwaloka ha ba sebetsa ka mobu, menyatla ya mesebetsi etloba mongata bakeng sa batjha ba sa sebetseng. Hub ena ya B.U.M e tlisitse phetoho ho Motshidisi Moholo eo e leng moithaopi ka hare ho Hub. Moholo ya dilemo tse mashome a mabedi le metso e robong o bolela hore ena jwaloka mosadi ya motjha o tlo nka monyetla ona wa ho sebetsa ka hare ho Hub ho lwantshana le tlala e bakilweng ke sewa sa covid. “Dinako di fetohile ha jwale, ke nako yah ore basadi ba batjha ba emme ka maoto hoba Mosotho oile a bua are mosadi otshwara thipa ka bohaleng” ke mantswe a Moholo ao.

Lebohang Molefe e leng setsibi ho B.U.M AE Hub o re o rata ho leboha basebetsi ba sebetsang ka thata ho Hub ya bona. Re na le tse latelang ka hare ho Hub ya rona: meroho ya mefuta -futa , ditholwana le ditlhare tsa mefuta-futa. Molefe o re ho thakgoweng ha projeke ena ya Hub ka hare ho Botshabelo ba thusitse malapa a mashome a mahlano le metso e robedi(58) ka di peo. Molefe o re ka mosebetsi on awa temo obatla ho fihlella tse kgolo le ho fana ka dithupello ho malapa eo re a abetseng dipeo. Molefe o phetetse ka mantswe “ Ke rata ho kgothatsa basadi le batjha hore b akene ka sekgahla ho tsa temo hobane ke yone mokokotlo wana hana ya rona”

Botshabelo Agroecology Hub maikemisetso a yona ke ho bona taba ya taolo ya dijo e kgutlela bathong le ho lwantsha bofuma ka hare ho Botshabelo. Ha hona kgomo ya boroko ha o le sehwai.

Botshabelo Agroecology Hub e tlisitse dithuto ho batho ba batjha tabeng ya hore ba itjhorise dikelellong le ho sebetsa ka matsoho, Hub ena e tlo lwanela hore hobe le ntshetsopele ka hare ho motse wa Botsahabelo le porofenseng ka kakaretso, leano lena le entse hore mokgatlo wa B.U.M  o hole.

Comments are disabled.