Tumahole ke lekeishene la toropo ya Parys e fumanwang haufinyane le noka ya Vaal. Motse ona wa Tumahole ke moo ho tswalletseng mooitseki wa dipolotiki e leng Stompie Seipei eo a se asile lefatshe lena dilemong tsa bo 1980 hape motse ona o ntshitse naledi ya Bafana Bafana eleng Tokelo Rantie.
Hobanala motse ona wa Tumahole o tobane le mathata a maholo a leqeme la metsi, Mme Boniswa Taliwe ya sa le dilemong tsa ho kgola chelete ya mmuso ho bonahala a tshwenyehile haholo ebile le mokgathala o so kene ho yena, Taliwe ke mme wa bana ba supileng(7) ona le dilemo tse fetang mashome a mabedi a ahile sebakeng sena. Mme Taliwe o boletse hore o qadile ho ngongoreha ka taba ya metsi dilemo tse hlano(5) tse fetileng,ha a hlokomela hore dipompo tse ba dikenyeditsweng ka malapeng ha di sebetse, o boletese hape hore selemong sena sa 2022 mathata a hlwele manolo hodimo hobane metsi a tswang ditepeng tsa bona ha a hlweka ebile a nkga. “maemo a rona mona lebatoweng la 11 ke hore tlhokeho ya mosebetsi e phahame haholo hape re a qobelleha hore re nwe metsi a sa hlwekang hobane ha rena bokgoni ba ho reka metsi a dibotlolo” ho boletse Boniswa Taliwe. O re jwaloka ka ha ese ele batho ba baholo taba ena ya ho rwalla metsi hole le malapa a bona e batlisetsa mafu amangata. Setloholwana sa Taliwe e leng Thandeka ke moithuti kholitsheng ya lehae o hlalositse ka lereng jwale ka habale bangata ka lelapeng ba hloka metsi a mangata sena se etsa hore ba kgutlele magetlo a mangata ho lo lata metsi, o re ketsahalo ena e ba beha kotsing ya ho ka tlatlaptjwa ke bashemane ha ba lata metsi.
Leloko la forum ya bahwebi ka hara mmasepaleta wa Ngwathe ebile ele mohokahanyi Ntate Matoli o hlalositse ka lereng mathata a hlokeho ya metsi ka hare ho motse wa Tumahole ha a qale ha jwale. Matoli o tswetsepele ka le reng ho bona batho ba sebetsang ka diphofolo ke phepetso e kgolo ho bona. “Ke swabile nko ho feta molomo hoba ke ne ke tshepile hore nakong ena ya tokoloho maphelo a rona a ne a tlo fetoha hoba hantle, empa mmusong ona wa demokrasi ke bona re sotlheha hoya pele” ke mantswe a Matoli.
Ntate Teboho Motsapi mongodi wa Ngwathe Business Forum o hlalositse ha maqakabetsi ana a metsi ka hare ho motse wa bona o tlositse serithi sa bona sa botho hobane o re metsi ke bophelo. O hlalositse hape hore ha ba lo tletleba ka taba ena hoba ka sehlohlolong ha hona thuso eo ba e fumanang. Karolong enngwe ya Lusaka ho kentswe di tanka tsa metsi empa Matsapi o re ditanka tseo dikgabisitse fela hoba dinka dikgwedi di sena metsi o re mohlang metsi a fumanehang ke ha ho hlahile lefu motseng.
Le baithuti ba sekolo sa AKHI SIZWE SECONDARY baile ba hlaisa maikutlo a bona, e mong wa barutwana eo a sabatlang ho hlaisa lebitso la hae o di beile ka tsela e latelang “retshaba ho nwa metsi a mona sekolong a tswang ka hare ho tanka hobane baithutwana ba bang ba lahlela dintho tse sa hlwekang ebile ba tshwella dikgohlola ka moo.” Taba ena e sitisa dithuto hobane ka nako ya sekolo o tla bona barutwana ba eme pela terata moo pompo ya setshaba e kentsweng teng pela sekolo ba lo kopa ho kgellwa metsi ke baahi.
Hwa bonahala hore tsitsipano e kgolo ka hare ho motse ona wa Tumahole, Mosepedi Community Hall ke moo mafapha amangata a mmuso atlisang ditshebeltso teng ho sebeletsa setshaba teng. Ba Inyanda Community News ba fihlile moo ho bona tshebetso ya sassa. Basebeletsi ba babedi ba Mmasepaleta wa Ngwathe bahlalositse bothata ba tlhokeho ya metsi e le ketso ya ka bomo, hobane Motsamaise wa Mmasepaleta o tsebisitswe ka taba ena ke basebetsi empa ha nka bohato ho fetisa taba ena. Bobedi bona bo tswetsepele ka le reng le molekgotla o tseba seemo sena sa mathata a metsi empa ha ana matla ho dima sona,ba hlalositse hape hore ka ho tshaba ho lahlelwa ke mosebetsi bakopa mabitso a bona a se phatlalatswe.
Nontsizi ke mosebeletsi wa CWP o re o sebetsa moo metsi a latiwang teng ke makoloi ho isa ka motseng, o re metsi ana a tshellwa fela ka makoloing a sa hlwekiswa a fetele motseng ka kotloloho. “Re tshaba ho ntsha ditletlebo ka se re sebonang mo re sebetsang teng haholo jwang mona PLANT moo metsi a latiwang teng, mmasepaleta ha wa tshwara batho ba rona hantle hao buwa ba o tebeka mosebetsing.” Ho rialo Nontsizi
Tsebiso ea Mohlophisi: Sena ke sengoloa sa pele ho tse peli tse mabapi le bothata ba metsi Foreisetata.