Maqakabetsi ana a metsi ha a ka hare ho setereke sa Fezile Dabi, re bona a ntsa tswellapele le seterekeng sa Lejweleputswa, mmasepaleng wa le hae wa Masilonyana motseng wa Masilo toropong ya Theunissen. Baahi ba motse ona baile ba ntsha maikutlo a bona ka mathata eo ba tobanang le ona a metsi.

Ntate Godfrey Makhathe eo e leng Moruti hape e le setho sa komiti ya motse o re o hlahetse abe a holela Masilo, dilemo tseo a dutseng motseng ona ka tsona o bone tlhokeho ya metsi mmuoso o sa e nkele hlohong. O bolela hore taba ena e ba amme ha bohloko hoba ha metsi a fedile ka hare ho motse mesebetsi e mengata ya ema, empa o ipotsa dipotso tseo a senang dikarabo, o re ha a so utlwe le ka mohla o le mong moo dimaene di reng di haellwa ke metsi. “dikolong moo bana ba rona ba kenang teng ba sitiseha haholo dithutong tsa bona le dikgwebo tsa rona di a putlama hoba re sebedisa metsi haholo” Makhathe o bua a tletse meokgo ka mahlong.
Motsamai Matli ke moitseki ka hare ho lekeishene la Masilo, ena o bontshitse ho se kgotsofale tabeng ena ya bothata ba metsi ka le reng ho itshunyakaka ha bo radipolotiki ka ha re ho tsamaiso ya metsi motseng wa bona ho mpefaditse maemo ana a tlhokeho ya metsi. O boletes hore letamo la metsi le fepelang motse wa Masilo le se le tsofetse haholo le hloka ho ntshafatswa. Lebo Modise o tlatseditse ka le reng matha a metsi a mpefatswa ke bobodu le khiro ya mmasepaleta ka ho tsebana, o re ho hlokahala batho banang le tsebo le boiphihlelo tabeng tsa metsi. “Masilo ke motse o monyane haholo mmuso ha o hloke ho nka ditshebeletso tsa bohlokwa jwaloka metsi ho di beha ho bo rakgwebo ba poraefete.” O boletse jwana Modise eo e leng moitseki ho bomme ka hare ho motse wa Masilo. O re jwaloka ha e le bomme ba utlwa bohloko hobane bana ba bona ba barwetsana ba hlekefetswa ha ba ya ho kgella metsi.

Ha se feela diterekeng tsena tse pedi tse boletsweng eleng Fezile Dabi le Lejweleputswa, le Mmasepalata o moholo wa Mangaung ho ntse ho bonahala mathata ana a maqakabetsi a metsi. Motseng o sa tswa ho thewa wa baahi e leng Marikana, Botshabelo karolong ya L, Nthabeleng Ramakatsa ya dilemo tse ka bang 28 o dula le monna wa ha ye le bana ba bararo, o re maqakabetsi a metsi ka hare ho motse wa bona ha bonahale a le maholo hakalo ha a tshwntsisa le bommasepalata ba bang empa o re dilemo tse ka bang pedi tse tlang batla lla sa mmokotsane hobane marothodi a rothang kgafetsa kgafetsa matlwaneng a bona a tlo ba kenya ka hara dikoloto.
O tswetsepele are bothata bona baho rotha ha metsi bo kafela ha feela molekgotla le komiti ya lebatowa ba ka tlohella ho kgetha nku ka pere. “Ha re sebetse ka hare ho lebatowa la rona, re ikopela ho mmasepala ho re o mpe o re ise dithupellong tsa hotla ho lokisa dipeipi tse rothang tsa metsi ka hare ho metse ya rona.” Ke Nthabeleng Ramakatsa.
Maqakabetsi ana a metsi ka hare ho profense ya Foreisetata a beihile maphelo a baahi tsietsing haholo bomme le bontate ba itsheteileng ka temo le ho rua ha diphofolo.

Aaron Ranayeke ke mohokahanyi wa letsholo le leholo la MAQAKABETSI A METSI (Water crisis) ka hare ho naha ya Afrika Borwa. O sebetsa TCOE, ke emong wa dibatlisise tsa mathata a metsi ebile o thusa ho aha mekgatlo ya setshaba ho re e ikemele. Ranayeke o itse leetong lena la haye otlo sebetsa le Inyanda ho bona mathata ana a metsi a rarollwa. Dibakeng tseo a fetileng ho tsona o theile dikomoiti tsa nakwana hore ba lwantshe bothata bona hammoho.

Molatheo wa naha ya Afrika Borwa o bolela hore moahi emong le emong ona le tokelo ya ho fumantshwa metsi a lekaneng ebile a hlwekile. Re ka re Mme Letta Mbuli o ne a bonetse pele maemo ana ha ane a lokolla setlabolane sa pina ya hae e reng “Not yet Uhuru” ke mantswe a baahi ba profense ya Foreista ba a buang.

Tsebiso ea Mohlophisi: Ena ke sehlooho sa bobeli ho tse peli tse mabapi le bothata ba metsi Foreisetata.

Comments are disabled.