Ka la mohla 20 Mphalane 2022 mokgatlo wa Botshabelo Unemployed Movement (B.U.M) o ne ole maphataphate ka dilhophiso tsa ho kena letsholong la ho ipilaetsa kgahlanong le puo eo letona(Medium Term Budget Policy Statement) la dichelete Monghadi Enoch Gaodongwane atla tla ho e teka pela palamente ka la 26 Mphalane 2022.
Mokgatlo ona wa Botsahbwelo Unemployed Movement o batla hore mmuso wa Afrika Borwa o kenye tshebetsong leano la thuso ya diphallelo la batho basa sebetseng ka hare ho naha, leo le tsebahalang ka “Basic Income Grant” bakeng sa batho basa sebetseng ba pakeng tsa dilemo tse 18 ho fihla ho 59. Ditho tsa mokgatlo wa Botshabelo Unemployed Movement, o tse jwang ka B.U.M ka bokgutswane di ile tsa kena ka hare ho motse wa Botsabelo ho tlisa dithuto sechabeng ka seo ditekanyetso kabo tsa naha hore di sebetsa jwang, mosebetsi ona ha wa fella fela ka hara metsana empa oile wa tswellapele ka ho tsamaisa dipampitshana setsing sesholo sa mabenkele Botshabelo le toropong ya Thaba Nchu. Matsholo ana a ho tlisa dithuto bathong ke boitukisetso baho etsa mohwanto o moholo selemong setlang sa 2023 ha Monghadi Enoch Godongwane a teka ditekanyetso kabo kgweding ya Pherekgong.
Letsatsi le leholo le esale le emetswe la di 26 Mphalane la fihla,mekgatlo yohle ya batho ba sa sebetseng ka hara profense ya Foreisetata ya iponatsa ka bongata ba yona boipelaetsong ba Botshabelo Unemployed Movement. Fateng Unemployed Movement, Matwabeng Unemployed Movement le Blougumbusch Unemployed Forum ke mekgatlo e ne e tsheetsa boipelaetso bona ba hore letona la dichelete le tlohelle ho kgaola ditekanyetso mafapheng a bohlokwa jwaloka thuto, bophelo bo botle, ntshetsopele ysa sechaba. Matsholo ana boipelaetso a ne a rerilwe ho iponatsa di ofising tse tharo ka hare ho toropo ya Bloemfontein, di memorandamo di ile tsa fetusetswa ofising e kgolo ya Eskom, ofising ya Letona la tsa dichelete Foreisetata le ofising ya Mopremire wa Foreisetata. Ditseko tsa baipelaeitse ke tse latelang:
- Ho kenywa tshebetsong ha Basic Income Grant le ho kenywa tokelo ya ho sebetsa molaotheong wa naha
- Tjhee ho hokgaolwa ha di chelete ho bommasepalata, mmuso o bohareng le mmuso wa naha
- Ho potlakiswa ha ho kenywa matla a motlakase a hlwekileng
- Ho emiswa ha ditefelo tse phahamang tsa motlakase
- Ho emiswa ka ho panya ha leihlo ho ditefelo tsa dijo tsa mantlha
Boipelaetso bona ebile bo atlehileng haholo, Botshabelo Unemployed Movement e lebeletse dikarabo matsatsi a supileng. Hobonahala ha letona la dichelete a sa teka ka sehlohong ditseko tsa mokgatlo ona wa B.U.M puong ya haye sena se boletswe ke Kenny Phaoane eleng Modulasetilo wa mokgatlo wa .B.U.M “ Re utlwile seo letona le sebuileng empa ha ho moo a buileng ka ditseko tsa rona, ho bonahala ntwana kgahlanong le bafutsana entse tswela pele.” ke mantswe a modulasetulo wa Botshabelo Unemployed Movement. Pule Mofihli e leng setho sa B.U.M o re matsatsi eo ba faneng ka ona ase a fetile ho se nko ho tswa lemina mafapheng a mararo eo ba faneng ka mangolo a ditletlebo, o tswetse pele ka lereng mmuso wa Foreisetata o bontshitse lenyatso leleholo ho batho ba sa sebetseng le ba futsanehileng ka ho senatse sello sa bona. Mokgatlo wa B.U.M o re o keke wa fela matla le haba sa fumana dikarabo batla kgutlela morao ho ditho tsa bona ho matlafatsa matsholo a boipelaetso ka hare ho porofense ho bona ditseko tsa bona di arabilwe.