Jwaloka ha dipalopalo tsa batho ba sa sebetseng tsa kotare ya pele ya selemo sa 2022, ho bonahala hona le phethoho e nyane ho fokotseheng ha dipalolpalo ha di bapiswa le tsa selemo se fetileng nakong ena. Ekaba taba ena e bolelang ho batho ba batjha ba sa sebetseng le bao bantseng ba batla mosebetsi?
Re kpopana le motho ya motjha monghadi Khaodi Steven Koloane ya tsebahalang ka lebitso la “Mazelo” motseng eo a dulang ho ona wa Thaba Nchu. Mohlankana enwa ke letswalla la mane Mokwena, toropong Thaba Nchu lehae la mehleng la Bophuthatswana wa maloba. Thaba Nchu e ka tlasa tsamaiso ya Marena le mmasepaleta wa Mangaung.
Koloane o qadile hokena sekolo sa poraemari Ereskuld mme a phetela lengolo la hae la materiki sekolong se Phahmeng sa Christian Liphoko. Jwaloka mocha emong le emong Koloane ha qeta sekolo one ashebille ntho e lenngwe fela ya ho bona batswadi ba hae le bana babo ba tswile bofumeng. O ile a sebetsa selageng se seholo toropong ya Thaba Nchu eleng Sky Country.
Ka selemo sa 2019 ke moo Koloane a ileng a fellwa ke mosebetsi, o lekile ho batla mesebetsi emeng ka tshepo ya ho fetola bophelo ba lelapa la hae. Mesebetsi a ethotseng nakong eo o ila bona hore eka se mo phedisi ena le mosadi wa hae le bana ba hae ba bararo. Ke moo a ileng anka qeto ya hore o tshwanetse ho sebetsa ka matsoho a hae, ke ka sona selemo sena sa mahlomola a ileng a qala ho sebetsa ka mobu. “Hake sheba morao moo ke tswang teng hoja ka tseba hore mobu/ lefatshe lena le bophelo nkabe ke qadile kgale” ke mantswe a Koloane ao. O hlalositse hape hore dijalo tse adi hlahisang tshimong ya hae di kgona hore a kenye bana sekolo ebile le mofumahadi wa hae o mothusa ka tsa kgwebo ha ena a sebetsa ka mobu.
Leeto lena la Koloane lene le se bobebe ka hoba o re o kopane le diphepetso tse ngata mosebetsing ona, o re phepetso e ka sehlohong ke tlhokeho ya lefatshe le ho hahelwa ke metsi. Koloane o ipeleditse ho batho ba batjha hore ba seke ba tshoswa ke dipalopalo tse tswileng empa ebe thotloetso ho bona, ba seke ba tshaba ho ba ditshila ba sebedise lefatshe leo ba nang le lona ho fetola maphelo a bona. O qetetse ka ho etsa kgweletso mmusong hore bona jwaloka balemerui ba banyane ba fumantshwe lefatshe. “Mohoma mobung motho ya motjha”