Kgweding ena ya basadi re hopola diketsahalo tsa basadi ba ileng ba tseka ditokelo tsa bona tsa botho le ho fetoha ha maemo a sepolotiki nahaheng ya Afrika borwa. Basadi bana baile ba tella maphelo a bona hore basadi ba kajeno ba kgole ditholwana tsa tokoloho. Ntweng ena ya boitseko ya basadi bana e ne e le ho bona basadi banka karolo diqetong tsohle tse nkuwang ka hare ho naha. Empa basadi ba bangata ba ntse ba ena le tshabo ya ho ka buwa ba lokolohile Nakong ena ya demokrasi.

Dineo Violet Motloang letswalla la toropong ya Ladybrand bochabela ba Porofense ya Foreisetata, ya dilemo tse mashome a mararo le metso e mehlano.Dineo o kgothaditse basadi ba bang le batjha ba iphumanang ba ena le tshwaetso ya kokwana hloko ya HIV ka lereng bophelo ha bofelle mohlang o ne o utlwa hore o na letshwaetso. Mme enwa ya enang le baradi ba bararo o tswellapele ka hore ho ne ho se bobebe ho ka jwetsa batswadi ba haye ka taba tsena tse bohloko hoba matsatsing ao taba ena ya HIV e ne ele ntho empe setjhabeng, phepetso enngwe a ileng a feta ho yona ke ya hoba dikamanong tsa lerato le batho ba ne badula ba mohoptsa ka maemo a haye a bophelo. “ke ne ke sa batle hore motho eo ke ratang le ena a utlwe ditaba tsa maemo a bophelo baka ho bakgotsi baka ka hoo ken eke bajwetsa pele ba utlwa bathong ba bang.” Dineo Motloang o hopotsa basadi ba ntse ba le ka tlasa kgatello ya ho hlaisa maemo a bona a bophelo hore kgweding ena ya basadi ba ntse ba ena le matla a ho fetola maphelo a bona.

Mosadi enwa ya sebete o ile a qala jwalo ka ho itjhorisa ka ho ithuta ka botebo ka taba ya kokwanahloko ena ya HIV. Dineo Motlwang ka mora ho hlaisa maemo a bophelo bahaye ho televisheneng ya naha ka la 01 Tshitwe 2019 ore oile a bona menyako e buleha bophelong bahaye. Tse ding tsa diphihlello tsa hay eke tse latelang.

  • O ile a thonngwa ke mokgatlo wa PAC (Positive Active Campaign) mokgatlo o tsekellang ditokelo tsa batho banang le kokwanahloko ya HIV hore ba fihlelle le ho fumantshwa di tshebeletso tsa bophelo ele PLHIV mona Mangaung
  • Aids Foundation of South Africa (AFSA) e ile ya mokgetha hoba moambassadara wa batjha ka hare ho mangaung ho tloha ka selemo sa 2020 ho fihla 2022
  • Tholwana e Molemo o sebetsa jwaloka ka mohokahanyi lefapheng la GBV le LGBTQI+
  • O eteletsepele desk ya bophelo bo botle ya B.U.M

Dineo o ila nka qeto ya hore o tla kgaohana le ho kena dikamanong tsa marato le batho ba sa tshwaneng le ena ka maemo. Maswabi aile a fetoha thabo kamora hore Dineo a kopane le mohlankana ya molelele ka seemo, Thapelo Paulos Sefatsa eo le ena a enang le tshwaetso ya HIV. Thapelo ya siyang Dineo ka dilemo tse hlano ena ke letswalla la Botshabelo.

Bobedi bona bohlasosa ka le reng sewa se seholo sa covid 19 ha se ka sa eba le kgahlamelo empe maphelong a bona empa eile ya eba sehopotso sa leeto la bona ka HIV.  Ba tsamaile di thuto le di kwetliso tse ngata tsa lefu lena la AIDS. Ba sebetsa mmoho ho kgothatseng batho ba tshwaeditsweng ke kokwana hloko ena ka hare ho motse wa Botshabelo. Thapelo Sefatsa le Dineo Motloang ba re ba leboha Ntate Modimo ka mpho eo a ba fileng yona e leng moradinyana wa bona ya dikgwedi di hlano e leng Reabetswe. Baratani ba na ke mohlala o motle ka hare ho baahi le ho batho ba batjha Botshabelo. “hoba le kokwana ya HIV ha se pheletso ya lefatshe empa ke qalo ya bophelo bo bottle.” Ho rialo Thapelo Sefatsa. Dineo o qetelletse ka le reng. “Mosadi ke lejwe le ke keng la tjhwatleha ha bonolo, lerato le hlola tsohle”

Comments are disabled.