Mmasepalata o moholo wa Mangaung o theiwe ka selemo sa kete pedi le 1eshome le metso e mene(2014) mmasepalata ona o theiwa ka ditoropo tse latelang: Botshabelo, Bloemfontein, Thaba nchu, Dewestdrop le Wepener. Toropo e kgolo ya mmasepalataa ona ke ya Bloemfontein e tsebiwang haholo ka hore ke motse wa dirosa empa ditsibi di enne di hlalose dire di rosa o di fumana ka hare ho meutlwa. Mangaung e arolelana lediboho le naha ya Lesotho.

Taba ena ya hore di rosa o difumana ka hare ho meutlwa kennete ho baahi ba mmasepalata ona, hoba koduwa e kgolo e se e bawetse hodimo ka lebaka la botlokotsebe bo jeleng setsi ka hare ho metse setoropong e kenyeletsang Botshabelo, Thaba Nchu le metsana e mabapi. Moruo wa mmasepalata ona o itshetleile haholo ho tsa temo le ho ruwa ha diphofolo. Boholo ba batho ka hare ho mmasepaleta ona ba iphedisa ka ho rekisa diphofolo haholoholo baahi ba Botshabelo le Thaba Nchu. Boholo ba diphofolo tse ruilweng ke dikgomo, dinku, dikolobe, dipodi, dipere le dikghoho. Botshabelo barui ba na ba diphofolo ba beile diphofolo tsa bona ka ntle ho motse mo ho tsebahalang ka hore ke ka motebong, lefatshe leo mmasepalata o ba beileng ho lona ho tloha ka selemo sa 2002, ha ele ka motseng wa Thaba Nchu teng bantse ba sebedisa mobu wa bona eo ba o neilweng ke mmuso, mobu o sebediswang Thaba Nchu o ka tlasa tsamaiso ya Trust e laolwang ke ntlo ya Marena a Barolong.

Monghadi Papi Diba eo e leng ntate wa bana ba bashanyana ba bararo o hlalositse ka hore taba ena ya boshodu ba diphofolo ke phepetso ekgolo ho bona hobane selomong se fetileng sa 2022 o utsweditswe dikgomo tse tharo(3) le maname a mabedi (2), ore taba e momakatsang haholo ke hore dikgomo tsena tsa haye di utswiwa modisana a ntse a le teng. Diba ore hase ena fela ka hare ho motse wa Thaba Nchu eleng lehlasipa la boshodu bona ba diphofolo. “E sale lapeng re phela ka ho rua diphofolo ha batswadi baka bantse ba phela, lenna ka ntshetsa taba ena pele. Se nkutlwisang bohloko haholo ke hore mashodu ana ha ba etsa ketso ena empe ba bolaya bokamoso ba bana ba rona hoba ka ho rekisa diphofolo ke kgonne ho kenya mora waka unibesithi” ke mantswe a Diba ao. Mora wa Papi Diba eleng Ntando o boletse hore taba ena ke mmomori hoba boholo ba batho ba lahlehelwang ke diphofolo ka hare ho motse wa Thaba Nchu badisana ba bona tswa ka hare ho Naha ya Lesotho.

Lehlasipa le leng la ho utswetswa ke Mme Anna Tsatsane eo e leng moaahi wa Botshabelo, Tsatsane o re mashodu ana haba na kutlwelo bohloko hoba haba fihla lesakeng la hao ba lefiela kaofela. Mosadi enwa eo eleng setho sa komiti ya motebong wa “leratong” o re jwaloka ha e le mosadi ya sa sebetseng eo a itshetleileng haholo ka ho rua diphofolo taba ena e tlameile hore e emelwe ka maoto ho sabeng jwalo batlile ho inkela molao matsohong hoba ba bang ba mashodu ana a diphofolo ba sebetsa mmoho le mapolesa. Tsatsane o buile ka tsela e latelang “Ke kopa ho setjhaba sa rona hore se ke sa ikamahanya le mashodu ana ka ho reka diphofolo tse senang mangolo,setjhaba sa rona le borakgwebo re a ipeletsa ho lona hore le seke la nontsha maraka ona wa mashodu ka ho reka diphofolo tse utswitsweng”
Monghadi Tankiso Phindela eo e leng setho sa komiti ya Botshabelo Livestock Committee o re taba ena ya boshodu e ba jesetsa kgwebeleng, o ile a fana ka dipalopalo tse latelang.

Taba ena ya boshodu ba diphofolo e ntse e tswelapele, sethaba sa Rantsho ha re emeng ka maoto ho thibela botlokotsebe bona.

Comments are disabled.