Ho bonahala batho ba kojwana di mahatleng batla hula ka tlhako ya morao ha re leba mafelong a selemo sena sa 2022. Ho phatlalatswa ha dipalopalo tsa batho basa sebetseng kotareng ena ya bofelo ya selemo ke ba lefapha la Stats SA, ho netefatsa taba yena. Le ha ho bonahala ho fokotseha ha sekgahla sa batho ba sebetseng setheohile ka poresente e le nngwe hona ha ho bolele hore mathata a fedile.
Batho basa sebetseng ha holoholo ke batho ba batjha le bomme. Botshabelo Unemployment Movement (BUM) e kgothalletsa hore ba leke ho iketsetsa lekeno ka ho sebedisa mobu eo banang le ona hore batle ba phedise bona le ba malapa a bona kgweding ena ya Tshitwe. B.U.M e motlotlo ka hore esale e eme le baahi basa sebetseng selemong sena, re kgonne ho kenya letsoho ka ho fa malapa a 70 dipeo hore ba itjalle, ba lwantshe tlala. Re tshepa ha sena se tla fetola maphelo a baahi bana nakong yena ya Keresemese. Baahi ba Botshabelo le ba mabapi , Mokgatlo wa batho basa sebetseng wa B.U.M o ba kgothaleditse ka hore ba sebedise chelete ya bona eo ba e fumaneng ka boima hantle le ka tlhokomelo. Ba bang ba baahi ba boletse hore matsatsing ana a phomolo ho bona e tlo ba mahlomola hoba ha ho letho le batlo ketekang ka lona. Re bakgothatsa ka hore ba se ke ba lahla tshepo. Mosebetsi o sa le mongata o re tlamehang ho etsa ha mmoho ho lwanela baahi ba Botshabelo hore ba fumane mesebetsi. Re ntse re thusa baahi ho fumana etsa kopo ya tjhelete ya SRD.
Kgwedi ena ya Tshitwe e tsebahala ka diketso tse ngata tsa botsotsi le tshebediso empe ya tahi, baahi ba koptjwa hore ba hlokomele bana le batsofe ha baeya ditoropong ho lo reka.
B.U.M e fetisa molaetsa wa mafelo a selemo sa 2022 ho baahi bohle ba Botshabelo ka le reng selemo sa 2022 e bile selemo se boima se bohloko empa hona ha ho bolele hore ho fedile. Ha re qaleng selemo sa 2023 ka mafolofolo, re emeng mooho jwaloka mantswe a Sesotho a re “letshwele le beta poo” ho bolela hore selemo se tlang baahi ba ka seje keresemese e ntsho