Melawana ya ikonomi ya Aforika Borwa e molemo ho sebeletsa batho ba mmalwa ebile e behella ka thoko bongata ba batho ba sa sebetseng le ba futsanehileng. Re tlo shebana le leano lena le mmuso wa Aforika Borwa o lekenyang tshebetsong ho tsamaisa moruo wa naha e leng “austerity” (ho kgaolwa ha ditekanyetso)

Ha re hlalosa leano lena la austerity re ka re ke maemo a thata a moruo a entsweng ke mehato ya mmuso ho fokotsa ditshenyehelo tsa setjhaba, ho kgaolwa ha ditekanyetso mafapheng a mantlha le ho eketsa lekgetho. Aforika Borwa e tobane le dikoduwa tse ngatanyana tse kareng, tlhokeho ya mosebetsi, mathata a motlakase, ho selekalekane le thlekefetso ya bong ka malapeng. Austety e tlo mpefatsa maemo ana a dikoduwa le ho feta hobane sethatong re bone ha ditheko tsa dijo le mafura a dikoloi di nyoloha kgwedi le kgwedi.
Leano lena la mmuso la ho kgaolwa ha ditekanyetso le tlo ba le kgahlemelo empe ho dihwai le balemi ba ntse ba thutuha ka hare ho metsesetoropong le mahaeng, sena se tla bonahala hape le metseng eo batho ba kojwanana di mahetleng ba phelang ho yona. Boholo ba batho maphelo a bona a itshetlehile ho ditshebeletso tsa setjhaba tse tliswang ke mmuso ka hoo leano lena le reretswe ho fokotsa ditekanyetso mafapheng a tshwang le a temo, bophelo bo botle, thuto, ntshetsopele ya setjhaba le tsamaisong ya bommasepalata.

Kgahlamelo enngwe hape empe ya leano lena ke ho fokotswa ha batho mesebetsing le ho se eketse meputso ya basebeletsi ba mmuso.
Ho pepeneneng hore mokgatlo o eteletseng mmuso pele o lesisitheho ho fetola maano a tsamaiso ya bokoloniale, sena re se bona ka tsela e oba sabatleng ho kenya maano a bona ha ba tswa dibokeng tsa maano a ikonomi. Sebata Morata eo eleng setho sa mokgatlo wa batho ba sa sebetseng wa B.U.M o boletese ka le reng ho hlokkahala dithuto di fihlelle setjhaba ka kakaretso. “Re kopa mmuso wa rona o tlohelle ho ba ka tlase ho kgatello ya dinaha tse ding tsa lefatshe le ho kadima dichelete mebarakeng ya lefatshe, ba bule menyatla ya mesebetasi bakeng sa batho ba batjha le basadi.” Ho rialo Morata. Batho ba utlwang lebatama lena la leano la austerity ke basebetsi, basebtsi ba sa sebetseng, batjha ha mmoho le basadi.
Ho bonahala mmuso o sebedisa leano lena la “austerity” e le ho kheloswa ho maikarabelo a ona a molaotheo ho kenya leano la ‘Basic Income Grant’ tshebetsong.

Batho ba sa sebetseng ka hare ho motse wa Botshabelo le porofense ya Foreiisetata ba re ke nako jwale ya hore letona la dichelete Enoch Godongwane a kenye tshebetsong leano la Basic Income Grant tshebetsong ho batho bohle ba pakeng tsa 18 ho fihla 59. Letsholo la “Stop Budget Cuts” le ntse le tswelapele. Baahi bohle ba kgothalletswa ho tshehetsa matsholo ana a ho lwantsha bofuma ka hare ho naha ya Aforika Borwa.

No comment

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *